
Chiefs e hapa papadi ya bobedi ka tatellano
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se hapile papadi kgahlano le Polokwane City ka ntlha ho noto (1 – 1) papading e bapalletseng lebaleng la FNB.
Tlholo ya Chiefs ke ya bobedi ka tatellano sehleng sena. Ntlha ya Amakhosi e kene karolong ya bobedi ya papadi, e hlajwa ke sebapadi se hlahang bankeng, Siphesihle Ndlovu.
Ntlha ena ke ya Ndlovu ya pele ka hara mebala ya Chiefs. Ndlovu ke emong wa dibapadi tse fihlang sehlopheng sa Kaizer Chiefs mme yena o tswa ho Supersport e rekisitseng lebitso ho Siwelele FC.
Chiefs e hapa papadi ya bobedi ka tatellano e leng seo ba se entseng sehleng se fitileng. Sehleng se fitileng Chiefs e ile ya hapa papadi kgahlano le Amazulu le Marumo Gallants.
Phapang ya sehleng sena ke hore Chiefs haeso hlabuwe ntlha papiso le sehla se fitileng moo baneng ba hlabilwe ntlha tse pedi ka mora papadi tse pedi.
Le papading ena mokwetlisi wa sehlopha Nasreddine Nabi, o ne a se teng ka mora ho leba Tunisia. Batlatsi ba hae Cedric Kaze le Khalil Ben Youssef, e ne e le bona ba tshwereng marapo.
Mmapala morao wa Chiefs, Aden McCarthy e bile sebapadi sa letsatsi papading eo. McCarthy o hapile kgau eo lekgetlo la bobedi ka tatellano ka mora ho e hapa papading e fitileng.
Chiefs, e tla bapala hape kala 19 Phato ha e nkana le Richards Bay. Papadi ena etla bapala ka 19:30 lebaleng la FNB.
BALA HAPE: mathata-a-orlando-pirates-a-hlwa-matsatsa
