
Ntlha ya Mbokazi kgahlano le Panama e tswelapele ho dula melomong
Le ha sehlopha se lahlehetswe ka 2 – 1 kgahlano le Panama, ntlha e hlajoweng ke sebapadi sa Bafana Bafana e hlatsitswe ba bang ba batshehetsi pelo.
Sebapadi sa morao Mbekezeli Mbokazi, o hlabile ntlha e le nngwe fela ya Afrika Boroa ka mora ho raha makatole ka leoto la hae le letshehadi (left).
Sebapadi sena se bapalang naheng ya America sehlopheng sa Chicago Fire, e bile se seng sa dibapadi tse bapetseng papadi e tswileng matsoho.
Mbokazi ya bapalang morao, o bonahetse a le sehlahlo le hoba mafolofolo jwalo ka ha a ne a qeta nako e ngata a le ka karolong ya Panama karolong ya bobedi ya papadi.
Sebapadi sena sa mehleng sa Orlando Pirates, ke se seng da dibapadi tse otlang dibolo tse lelele tse matla ha monyetla o le teng.
BALA HAPE: Christiansen ka Mofokeng: ke bokamoso bo botle ba Afrika Boroa
Ntlha e nngwe eo Mbokazi a kileng a e hlaba a le hole le mekwallo, ke ha Pirates e ne e thulane le Siwelele FC mohopeng wa Carling Knockout.
Mokwetlisi wa naha Hugo Broos, o dumetse hore Mbokazi ke sebapadi se ikgethileng le ha a dumela hona le bothata bo bonyane boo a lokelang go bo lokisa.
“Ke sebapadi se itshupapang nako le nako hore ke sebapadi se hlwahlwa,” ho realo Broos.
“Bothata bo teng boo ke bo bonang ke hoba pelo e kgutshwane. Ke sebapadi se dulang se lwanela ho hlola empa o potlaka a fela pelo empa ketla bua le yena ka seo.”
BALA HAPE: Baloyi o lepa mokwetlisi a ka inulang Chiefs le ho hapa mehope
