Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Baloyi o eletsa Da Cruz ka tshebetso ya Petersen

Sethibathibane sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana Brian Baloyi, o fanne ka keletso ho mokwetlisi wa Chiefs Fernando Da Cruz.

Keletso ya Baloyi e lebile ho mokwetlisi wa sehlopha ka sethibathibane se diphoso Brandon Petersen.

Baloyi o hlalositse ha diphoso tsa Petersen difetoha bothata bo ke keng ba tlodiswa mahlo.

Mantswe ana a tla ka nako eo Petersen a seng a hlabiwe dintlha tse tharo ka lebaka la diphoso tsa hae.

“Bothata ba Petersen hase bothata bo botjha, ke bothata boo dibapadi tse ngata difitileng ho bona,” ho realo Baloyi.

“Hao iphumana o le bothateng bo jwalo, o kgutlela morao moo o etsang dintho tse bobebe mme le tshehetso ya batho ba haufi le wena e bohlokwa.”

Chiefs e bapetse maleka dipapading tse pedi ka lebaka la diphoso tsa Petersen mme ditshehollo diqala hoba matla kgahlano le yena.

Baloyi o hlalositse ha a utlwisisa bothata boo mokwetlisi a leng ho bona jwalo ka ha Petersen e le mokaptene wa sehlopha.

Baloyi o boetse a bontsha ha ho sala ha Petersen ka nako ya mohope wa lefatshe, e kaba le leng la mabaka a tshebetso e theohileng papisong le sehleng se fitileng.

Hoya ka Baloyi, Da Cruz o lokela ho tlosa Petersen sehlopheng se qalang jwalo ka ha a ka tswela pele ho etsa diphoso tse ka nkelang sehlopha dintlha.

“Ho tlohela Petersen hoba karolo ya sehlopha hoka bakela sehlopha mathata a fetang jwalo ka ha Petersen a ke ke a bona hore o ntse a etsa diphoso.”

BALA: African Stars e lebisa papadi kgahlano le Pirates naheng ya Botswana