
Baemedi ba dibapadi ba babedi ba tseka Mbokazi
Baemedi ba babedi ba emelang dibapadi ba tseka ha e le bona baemedi ba sebapadi sa Mbekezeli Mbokazi ya bapallang Orlando Pirates.
Mbokazi eo ditlaleho dikumme ha atla leba sehlopheng sa Chicago Fire ya America, ho tsebahala a emetswe ke P Management Agency le ha QT Sports Agency e le yona e hlalositse e emetse sebapadi.
Sebapadi sena, se ile sa bonwa se kena setswa ka hara naha ka e leng se thathiseletsang ditlaleho tsa ho tsamaya ha hae sehlopheng sa Pirates.
Ka labobedi papadi ya bona le Chippa United, Pirates e bapetse ntle le Mbokazi e leng se seng se ka fanang ka ntla ya hore ka nnete sebapadi sena setla arohana le sehlopha empa mokwetlisi wa Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha sebapadi e tse e le karolo ya sehlopha.
Teko tsa ho buisana le baemedi bana ka bobedi ho fumana tlakiso ka maemo a etsahanang ditehile kalala ha QT Sports e sa araba potso pele ho phatlalaso ya rona mme P Management e ne e sa arabele mehala.
Tebello ke ho bona e bang hore tharollo e tlaba e fe qakeng ena e amang sebapadi seo bokamoso ba sona bo bonahalang bo kganya ka lebaka la mmapalo o motle.
Mahlo hape a tlabe a le ho Pirates ho bona e bang e bapadisa Mbokazi jwalo ka ha ditlaleho dihlalositse a le maoto a oka ditlhabela.
Pirates e tlaba bapala papadi tse matla tse tharo pele ho kgefutso ya dipapadi tsa mohope wa AFCON.
E nngwe ya papadi tseo, e tlaba papadi ya mohope wa Carling Knockout kgahlano le sehlopha sa Marumo Gallants kgwedi e tlang.
BALA HAPE: Hotto o babatsa bokgoni ba Mofokeng ba ho bala papadi
