Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lucas Ribeiro o sadisa Sundowns hantle

Sebapadi sa Mamelodi Sundowns se fedisitseng botho ba sona sehlopheng Lucas Ribeiro Costa, o sadisitse sehlopha hantle.

Ribeiro eo e sale a le ditabeng ka mora ho fedisa botho ba hae hang hang sehlopheng (termination) ka mora hore sehlopha se se fihlele ditumelano le dihlopha tse neng di mmatla, o ngotse lengolo le sadisang Sundowns hantle.

“Ho tloha ke fihla sehlopheng, ke fanne ka tsohle tsa ka, ka lebaleng le kantle ho lebala ho emala Sundowns.”

“Lemo tse pedi tse fitileng e bile tsa monyaka le ho ithuta, haholoholo ho ithuta botho le hoba sebapadi se hlwahlwa.”

“Ho dibapadi, leloko la bobedi, ke lebohela tsohle. Mehope eo re e hapileng, dipososelo le tsohle tseo re diarolelaneng. Le tla dula le le leloko mme ketlo le hopola.”

“Ho bapalla Sundowns le ho phela tlasa leloko leo, e bile tlotla e kgolo. Ke ya leboha Sundowns le Afrika Boroa ka tsohle.”

Ribeiro o ne a batlwa ke dihlopha tsa Brazil le Qatar empa Sundowns ya hlolwa ke ho fihlella ditumelano le dihlopha tseo.

Ditlaleho di kuma ha sehlopha sa Spain sa Deportiva Leonesa se bapallang tier 2, se kene ditumelanong le letswallwa lena la Brazilian.

Ha hoso hlake e bang Sundowns e tla phepetsa qeto ya ho tekenwa ha Ribeiro ke sehlopha se seng jwalo ka ha bona ba dumela e le sebapadi le ha a fedisitse botho ba hae le ho lebisa sehlopha ho FIFA.

BALA HAPE: hack-o-lepa-ha-ribeiro-a-ka-lahlehelwe-ke-nyewe