
Sundowns e nyolla mokotla bakeng sa ho fumana Matheusinho
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se ntse se tswelapele ho lelekisa ho fumana ditshebeletso tsa Matheus Leonardo Sales Cardoso ya tsebahalang ka Matheusinho.
Matheusinho ke letswallwa la Brazil le dilemo di 27 le bapallang sehlopha sa Santa Clara empa ha jwale o sehlopheng sa SC Recife ka kadimo (loan).
Sebapadi sena se hlaselang, se hlaloswa jwalo ka sebapadi se bapalang jwalo ka Gaston Sirino ya bapallang Kaizer Chiefs ka matjato le masene.
Pejana kopo ya Sundowns ya tjhelete e kalo ka €1.5 million (R30 million), e qheletswe ka thoko empa Sundowns ha ya nyahama mmoko tekong tsa bona.
Sundowns e kgutletse ho Santa le Recife ka kopo e ekeditsweng ya €1.7 million (R35 million) hore ba fumane ditshebeletso tsa Matheusinho.
Ebang ho kaba le tumellano e fihlelwang, sehlopha sa Recife e leng sona sa seo Matheusinho a leng ho sona ka kadimo, setla tla fumana moputso wa €500,000 (R10 million) tumellano eo.
Sundowns, e sa tswa lahlehelwa ke sebapadi sa bona sa mantlha Lucas Ribeiro Costa ya lebileng Spain mme o sa tswa tekena le Cultural y Deportiva Leonesa.
Ha jwale tebello ke ho utlwa ebang Santa le Recife di hana kapa ho dumela kopo ya Sundowns ya ho fumana sebapadi sena se babatswang botle jwalo ka ha Sundowns le yona e batla ho kwala sekgeo sa Ribeiro sehlopheng.
BALA HAPE: Lucas Ribeiro o sadisa Sundowns hantle
