Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tom le Siwela batla emela Afrika Boroa mohopeng wa lefatshe

Ka mora mosebetsi o tsotwang dipapading tsa AFCON, baletsaphala ba etsang mosebetsi o tswileng matsoho ba Afrika Boroa, batla emela naha mohopeng wa lefatshe [World Cup] o tla bapala ha mmamorao selemong sena.

Abongile Tom le Zakhele Siwela, e tlaba karolo ya baletsaphala ba tswang Afrika ho laola dipapadi tlhodisanong e kgolo ka ho fitisisa lefatsheng.

Tom, o tlabe a qala hoba karolo ya mohope wa lefatshe wa dihlopha tse kgolo, ha Siwela a tla nka karolo lekgetlo la boraro.

BALA HAPE: Barker o hapa kgau ya kgwedi ha bedi ka tatellano

Bobedi bona e bile karolo ya moifo o etseng mosebetsi o tswileng matsoho dipapading tse fitileng tsa AFCON moo ba dutseng ho fihlela letsatsi la ho qetela la dipapadi.

Siwela eo boholo ba nako a thusang moletsaphala [assistant referee] o kene lenaneng la baletsaphala ba FIFA ka 2010 mme yana karolo ya moifo o tsamaisang papadi ya makgaolakgang a AFCON ka 2022 hlakoreng la Victor Gomez.

Tom ka lehlakoreng le leng, o kene lenaneng la baletsaphala ba FIFA ka 2020 o se a bile le seabo dipapading tse kgolo jwalo ka ho tsamaisa dipapadi tse tharo mohopeng wa AFCON.

BALA HAPE: Mokwena o tsibisa mosebetsi wa Badela sehlopheng