Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Al Ittihad hae phetse ho lelekisa ditshebeletso Rulani Mokwena

Sehlopha se hafang ka nkana sa Libya, se tswelapele ho matha sa leheshane ho lelekisa letswallwa la kwano Afrika Boroa.

Al Ittihad Tripoli, e ntse e tswelapele ho batla ditshebeletso tsa Rulani Mokwena le ha MC Alger e totobaditse hore Mokwena o tla dula le bona ho fihla bonyane ha sehla se fela.

Hoya ka lehlokwana la tsela le moqolotsiwa ditaba Algeria, Ittihad e beile tjhelete e kalo ka R1.4 million tafoleng e le mokgolo oo batla o lefa Mokwena ka kgwedi e bang e kaba mokwetlisi wa bona.

Ittihad, ke sehlopha se satswa tekena Thembinkosi Lorch le Stephen Ki Aziz hotswa ho Wydad Casablanca eo Mokwena a fitileng ho yona.

Pejana molaudi wa sehlopha (Executive Director) wa Ittihad Abdelmajid Saleh, o dumetse hore sehlopha se dipuisanong le Mokwena le ha a ntse a le tumellanong le Alger.

Le ha hole jwalo, taba ya hore Mokwena o hapile papadi e fitileng ka dintlha tse hlano le hore o kopane le boetapele ba Alger, e ka thatafatsa tshepo ya Ittihad ya ho fumana Mokwena.

Hona kopanong eo, ke moo modulasetulo wa Alger a bontshitseng tshehetso ho Mokwena le ho etsa qeto ya hore Mokwena o tlatswa a sa dutse sehlopheng.

Tebello ke ho bona e bang Mokwena o tla kgahlwa ke tjhelete kapa o tla tswelapele ka seo a se qadileng le ho hapa mohope wa bobedi jwalo ka ha a le monyetleng o moholo.

BALA HAPE: Mokwena le Davids ba hlaba dintlha le ho hapa dipapadi