Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Eric Tinkler o tshwaela ka sehlopha se kgethilweng sa naha

Mokwetlisi wa sehlopha sa Sekhukhune United Eric Tinkler, o ntshitse maikutlo a hae ka sehlopha sa naha se kgethilweng ho lo emela naha dipapadi tsa AFCON.

Mokwetlisi wa naha Hugo Broos, o ile a tsibisa dibapadi tseo a tla leba le tsona Morroco mme Tinkler o dumela ha dihaelwa.

“Ke na le maikutlo a ka ao ke lekang ho a kwalla ho nna. Ha ke nahane re na le sehlopha se matla ho re emela,” ho realo Tinkler.

“Ao ke maikutlo a ka, empa ke tshepa retla feta moo re felletseng lekgetlo le fitileng.”

Tinkler eo ho senang sebapadi sa sehlopha sa hae kampong e tla leba Morroco, o se a kile a tshwaela ka sehlopha sa naha le ho hlalosa ha a sena bothata le tsela tsa Broos a etsang dintho ka yona.

Le ha hole jwalo, Tinkler o hlalositse ha sehlotshwana seo Bafana Bafana baleng ka ho sona e se se bonolo hore ba ka feta ha bobebe.

“Sehlotshwana seo releng ho sona ha se bobebe empa e tlaba taba ya hore re qadile jwang papadi ya pele.”

“Ke dumela hore monyetla o teng. Ke nahana bana le monyetla wa ho fetela pele sehlotshwaneng sa bona empa e kase be ntho e bobebe.

“Bafana Bafana ba sehlotshwaneng se le seng le Angola, Zimbabwe le Egypt mme papadi ya bona ya pele e kgahlano le Egypt.

BALA HAPE: Broos o tsibisa mabitso moo a tla nyafa dibapadi teng