
Ngezana o hlaba ntlha ya hae ya pele ho UEFA Europa League
Sebapadi sa FCSB ya Romania Siyabonga Ngezana, o hlabile ntlha ya hae ya pele ya UEFA Europa League ha a ne a thusa sehlopha sa hae ho hlola Feyenoord.
FCSB, e hlotse Feyenoord ka 4 – 3 mme Ngezana ke yena a hlabileng ntlha ta pele ya papadi eo le hofa FCSB ketapele.
Ntlha ya sebapadi sena sa morao, e tla matsatsi ka mora hore a be ditabeng ka ho hana ho kgutlela ka lebaleng a baleya hotswa kotsi.
Ketso ena e ile ya halefisa batshehetse ba sehlopha, mokwetlisi le monga sehlopha sa FCSB ka tumellano ya hore mohopolo wa hae o dipapading tsa AFCON tse tla thakgoha haufinyana.
Sebapadi sena se se bapetse dipapadi tse 21 mehopeng kaofela mme a hlaba ntlha e le nngwe le ho thusetsa ho e le nngwe. E se e bile karolo ya sehlopha sa beke (team of the week) lekgetlo leleleng sehleng sena.
Ngezana o lebeletswe ho fihla Afrika Boroa neng kapa neng ho kopana le sehlopha sa naha se kampong ya ho itukisetsa dipapadi tsa AFCON tse tla thakgoha ka la 21 kgweding e hodimo ya Tshitwe.
BALA HAPE: Siyabonga Ngezana o ditabeng ka ho hana ho bapala
