
UEFA e tshosetsa ka ho hula dinaha tsa yona mohopeng wa lefatshe
Mokgatlo o tsamaisang bolo lebatoweng la Europe wa UEFA, o tshoseditse ka ho ikgula dipapading tsa mohope wa lefatshe.
Sena ka lebaka la ditlaleho tsa hore FIFA e batla ho rekisa karolo e itseng ho e nngwe ya dikgwebo bakeng sa kuno.
Tshisinyo ena FIFA e halefitse mekgatlo e mengata ho kenyeletsa UEFA e buileng e lomme bebebe hore e tla ikgula dipapading tsa mohope wa lefatshe e bang FIFA e ka e tsa seo.
Mopresidente wa FIFA Gianni Infantino le UEFA, ba batla baes utlwane ka mehopolo diqetong tse ngata mme seo se tlisa dipotso tsa hore e be UEFA e tla tshehetsa Infantino dikgethong tse tlang.
Infantino, o hlalositse ha tsena tsohle e le tshisinyo fela le hore FIFA e tla dula e tshwere taolo ya yona le ha e ka rekisa e nngwe ya dikarolo tsa yona.
Tebello ke ho bona hore tsena tsohle ditla matha ho fihla kae le hore ke mekgatlo e fe e tla dumellana le tshisinyo ena jwalo ka ha UEFA e se e bontshitse ntlha-kemo ya bona.
BALA: Chiefs e ikemiseditse ho fana ka dibapadi tse pedi ho fumana Phili
