
Pirates e bula lebenkele la diaparo tsa sehlopha Mall of Africa
Sehlopha sa Orlando Pirates se bula lebenkele la pele la ho rekisa diaparo tsa sehlopheng setsing sa mabenkele se phetheselang.
Lebenkele lena ke leo batshehetsi ba sehlopha batla kgona ho reka diaparo tse fapaneng tsa sehlopha ntle le ho leba Orlando Pirates moo sehlopha se qadileng ho rekisetsa teng.
Lebenkele lena le butswe semmuso setsing sa mabenkele sa Mall of Africa mme dibapadi tse mehleng tsa sehlopha dibile teng pulong eo.
BALA: Shabalala o tlosa dinepe tsa Chiefs leqepheng la hae la Instagram
Pirates e ba sehlopha sa bobedi sa PSL ho bula lebenkele ka mora Siwelele FC e ileng ya bula la bona setsing sa Waterfront, Bloemfontein.
Dihlopha tse ding tse jwalo ka Kaizer Chiefs le Mamelodi, dina le mabenkele moo dihlopha didulang teng ha dihlopha tse ding direkisa ka Online le mabenkele a kgethilweng.
BALA: Chiefs e ikemiseditse ho fana ka dibapadi tse pedi ho fumana Phili
