
Broos o tsibisa moifo wa hae maikemisetso a hae pele ho seboka sa boraditaba
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tshibisitse moifo wa hae wa bokwetlisi hore a ke ke a tswelapele ka mosebetsi wa ho kwetlisa sehlopha.
Mantswe a Broos a tla ka nako eo mokgatlo o tsamaisang bolo Afrika Boroa wa SAFA, o tla tshwara seboka sa boraditaba hara mpa ya motsheanong ka la bohlano.
Broos I fihlile sehlopheng ka 2021 mme a tlisa diphetoho tse ke keng tsa lebalwa nalaneng ya bolo ya Afrika Borwa.
BALA: Pirates e bula lebenkele la diaparo tsa sehlopha Mall of Africa
Le ha ho utlwahale Broos a tsibisitse a ke ke a tswelapele, SAFA ke hona e tla tsibisa semmuso kapa ho latola ditlaleho tsena.
Mokgatlo o lebeletswe ho e tsa phatlalatso e felletseng ka hore ke mang ya tla kwetlisa sehlopha setla bapala papadi ya ho itukisetsa AFCON ka kgwedi ya Lwetse.
BALA: UEFA e tshosetsa ka ho hula dinaha tsa yona mohopeng wa lefatshe
