
Vilakazi o leboha hore Sundowns e tlohile ka pela bona
Ka mora ho tlontlollwa ha bohloko ke Mamelodi Sundowns, mokwetlisi wa Chippa United Vusimuzi Kanu Vilakazi, o hlalositse ha ba thabetse hore papadi eo e fitile.
Sundowns e bureditse le ho hlola Chippa ka 4 – 1 lebaleng ya Loftus Verfield bosiu ba labohlano e le papadi ya leoto la bobedi ho Betway Premiership ka mora hore dihlopha dibapale maleka a 1 – 1 leotong la pele.
“Ke thabile hore se bapetse e bile re qetile ka papadi ena mme ho setse thaka tsa rona re lokela ho itwana ho batho bao re lekanang le bona ka matla,” ho realo Vilakazi.
Kanu, o hlalositse ha ba batla ho qala ho fumana dintlha ka papadi ya bona e latelang kgahlano le sehlopha sa Siwelele.
“Re lokela ho hapa dipapadi, re qala ka Siwelele se tlang ho rona. Re fumaneng ntlha ka nako eo re neng re baetse mme ke nako ya hore re fumane dintlha tse tharo lapeng.”
Chippa, e dutse boemong ba 13 ka mora dipapadi tse 23. sehlopha hapile dipapadi tse 4, ba bapala maleka dipapading tse 8 le ho lahlehelwa diapapding tse 11.
BALA HAPE: Rayners o hlaba dintlha hoya le ho kgutla, nyele le bosiu
