
Afrika Boroa e hlotswe ke Egypt papading e bakileng ditaba
Sehlopha sa naha sa Afrika Boroa, se hlotswe ke naha ya Egypt ka 1 – 0 thapameng ya labohlano lebaleng le neng le phophoma balatedi ba Adrar.
Bafana Bafana, ba kene papading ena ka moya o phahameng ka mora ho hlola papadi ya bona ya pele kgahlano le Angola.
Sehlopha se qadile papadi sele tlasa kgatello karolong ya pele ya papadi empa lebota la morao la sebetsa ka bokgabane ho thibela Egypt ho hlaba dintlha.
Metsotsong ya ho qetela ya karolo ya pele ya papadi, moletsaphala o ile a emisa papadi e le ha a lekola mmapalo wa Khuliso Mudau ho Mohammed Salah mme ka mora thuso ya VAR, ke ha Egypt e fumana thaho ya mokoko.
Salah, e bile yena a rahang bolo eo le ho nkela Egypt ketapele karolong ya pele ya papadi.
Hang ka mora ho hlaba ntlha, sebapadi sa Egypt Mohamed Hany, o ile a bontshwa karete ya bobedi e tshehla ka mora ho bapala Teboho Mokoena hampe mme dikere tsa haella bakuti.
Karolong ya bobedi ya papadi Afrika Boroa e bontshitse maikemisetso a ho hlaba ntlha ka ho qeta boholo ba nako ka mekwallong ya Egypt.
Menyetla e bile teng empa sethibathibane sa Egypt Mohammed El-Shanawy, a botsha bokgoni ba hae le ho hanela Bafana Bafana ho fumana ntlha.
Metsotsong ya ho qetela ya papadi, sebapadi sa Egypt sethibile bolo ka letsoho a le haufi le mekwalo ( in the 18 yards) mme moletsaphala a e lekola ka VAR pele a ka nka qeto ya hore hase thaho ya mokoko.
Papadi e fedile ka 1 – 0 e le ha Egypt e hlola Afrika Boroa lekgetlo la pele dilemong tse 19 mme e bile e ba tlholo ya pele ya Afrika Boroa ka mora dipapadi tse 26.
Ka mantaha Afrika Boroa e tla thulana le naha ya Zimbabwe e le papadi ya ho qetela ho tsa dihlotshwana.
Afrika Boroa, e lokela ho hapa papadi eo kapa ho bapala maleka hore e kgone ho fetela mokgahlelong o ka pele.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Mali o seholla CAF ka ho fetola dinako tsa AFCON
