
Aguirre o hlaha Afrika Boroa leseding ka ho manolla Czech Republic
Mokwetlisi wa sehlopha setla thulana le Afrika Boroa papading ya pele ya mohope wa lefatshe, o hlaile baphepetsi ba hae leseding ka ho manolla sehlopha seo batla kopana le sona sa Czezh Republic.
Javier Aguirre ya kwetlising Mexico, o hlalositse ha sehlopha sa Czech Republic e tlaba phepetso e kgolo le ha e le sehlopha se hlokang dibapadi tse tummeng.
“Czech Republic ke sehlopha se tsitsitseng ntle le dibapadi tsa mabitso a maholo empa ke sehlopha se matla se lwana,” ho realo Aguirre lesedinyaneng la Ovacionaes.
Le ha a ne a buella lehlakoreng la hae, maikutlo le tlhaiso ya Aguirre e bohlokwa jwalo ka ha Afrika Boroa le yona e tla tobana le Czech Republic mohopeng wa lefatshe.
“Ho bohlokwa ho tseba hore o tlo bapala le dihlopha tsa mofuta o jwang. Papadi ya pele e kgahlano le Afrika Boroa, ya bobedi ke Korea Boroa ho latele Czech Republic.”
Mantswe a Aguirre, a tlile ka mora papadi ya bona le naha ya Belgium moo dihlopha ditshabaneng bophatswa ka 1 – 1 mme Belgium ke seng sa dihlopha tse matla ka ho fitisisa lefatsheng.
Aguirre ya neng a buella sehlopha sa hae, o hlalositse ha mosebetsi wa hae o tlaba matla ho kgetha dibapadi tse nepahetseng bakeng sa dipapadi tseo batla dipabala mohopeng wa lefatshe.
Mexico, ena le Afrika Boroa, Korea Boroa le Czech Republic sehlotswaneng se le seng mme dihlopha tse tharo dika kgona ho fetela mokgahlelong o lateng ka mora hore dihlopha di atolosetswe ho 48.
BALA HAPE: Rayners o hlaba dintlha hoya le ho kgutla, nyele le bosiu
