
Williams ke mothongwa wa dithibathibane tse hlwahlwa lefatsheng hape
Sethibathibane sa Bafana Bafana le Mamelodi Sundowns Ronwen Williams, o hlaheletse lenaneng la bathongwa ba selemo se hodimo sa dipapadi.
Williams, o hlahile letotong la dithibathibane tse hlwahlwa lefatsheng (2025 The Best FIFA Men’s Goalkeeper nominees) lekgetlo la bobedi ka tatelang.
Mokaptene enwa wa naha o thontswe le dithibathibane tse hlwahlwa ka ho fitisisa lefatsheng mme ke yena fela sethibathibane sa Afrika se bapalang Afrika ho kena le naneng lena.
Selemo se fitileng Williams o felletse boemong ba borobong (ninth position) dikgaung tsa Yacine Trophy ho 2024 Ballon d’Or Awards.
Williams, ke sethibathibane sa pele ho ka thongwa bakeng sa kgau tsena a bapala Afrika mme o boetse e thontswe hape.
Hara dibapadi tse teng selemong sena, ke Yassine Bounou (Morocco le Al Hilal), Thibaut Courtois (Belgium le Real Madrid), Gianluigi Donnarumma (Italy le Paris Saint-Germain, now Manchester City), Fabio (Brazil le Fluminense), Emiliano Martinez (Argentina le Aston Villa).
Bakwetlisi ba dihlopha tsa dinaha le bakaptene, batla kena mosebetsing wa ho kgutsufatsa lenane ka ho kgetha bathongwa ba bararo.
Baqolutsi ba papadi ya bolo ba kgethuweng, le bona batla ba le seabo ho kgetheng sebapadi se ipabotseng ka makgabane.
Williams o tla etella pele sehlopheng sa naha ho leba mohopeng wa AFCON kgweding e tlang, a boele a lebe le sona mohopeng wa lefatshe naheng tsa America, Canada le Mexico.
Bala tse ding ka Williams:
