
Zimbabwe e lwana ka tsohle
Naha ya Zimbabwe e ikemiseditse ho lwana kgakgaulane molamu wa hlooho papading ya bona le Afrika Boroa ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.
Naha ena e mohatleng wa sehlopha sa C, e ntshitse lenane la dibapadi tse tla e hlanaka senna kgahlano le Bafana Bafana, mme ba bitsitse a mang a mabitso a maholo papading ya bolo ka hara Zimbabwe.
Mokwetlisi Michael Nees, o tsibisitse sehlopha se akgang Khama Billiat, Terrence Dzvukamanja, Knowledge Musona le Marshall Munetsi e le sona setla thulana le Afrika Boroa dipapadi tsa ho phunyeletsa.
Nees, o bitseditse sehlopha mokwetlisi wa mehleng wa Supersport United e bile e le setho sa Sekhukhune United Kaitano Tembo, hotlo thusa sehlopha sa naha ke ho fana ka tsebo ka tse ding tsa dibapadi tsa Bafana Bafana.
‘The Warriors’ ba ikemiseditse ho nyopisa ditoro tsa Afrika Boroa tsa ho leba mohopeng wa lefatshe jwalo ka ha Afrika Boroa e lokela ho feta ho bona pele ba ka leba America.
Zimbabwe, e tla amohela Bafana Bafana lebaleng la Moses Mabhida kala 10 Mphalane e le padi ya borobong ya ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe.
Afrika Boroa, e tlalehile maoto le matsoho ho hlola Zimbabwe e bang ba batla ho leba America selemo setlang.
Zimbabwe yona ka ho le leng, e tswile dihlopheng tse nang le monyetla wa ho phunyeletsa mme ba se ba lwana fela ho baballa seriti sa bona.
