Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Makgopa le Maswanganyi ba thusa Pirates ho beha Sundowns mangole

Sehlopha se lelekisang ho hapa sehla sa dipapadi sa Orlando Pirates, se baballetse toro ya sona ya ho hapa sehls se hodimo sa dipapadi.

Pirates, e hlotse Stellenbosch ka 2 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la le neng le tletse la Athlone motsemoholo kapa.

Pirates, e lebile papading ka tshepo ya ho fumana dintlha tse tharo le ho tswelapele pele ho beha Mamelodi Sundowns direthe lebelong la ho hapa sehla.

Dintlha tsa Pirates dikene karolong ya pele ya papadi ka Evidence Makgopa le Patrick Maswanganyi.

Ka bobedi dibapadi tsena difetowe ke dipapadi tse mmalwa sehleng sena ha ka nako tse ding bane ba kena ba hlaha bakeng.

BALA HAPE: Zwane o hlalosa seabo sa dibapadi tsa South America sehlopheng

Maswanganyi, o dutse dintlheng tse 7 ha Makgopa a hlabile tse 6 sehleng sena.

Kamogelo Sebelebele, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora ho fumana monyetla wa ho qala le papadi.

Le ha e hapile papadi, Pirates e tla tswa e dutse boemong ba bobedi le ho fokotsa sekgeo sa dintlha dipakeng tsa bona le Mamelodi Sundowns.

Sehlopha se dutse dintlheng tse 62 ha Sundowns e dutse ho 64 ka mora dipapadi tse 27.

Sundowns e tla nkana le Chiefs papading eo Pirates e ka ratang ha Chiefs e ka e hlola hore monyetla wa bona o be moholo wa ho kgutlela boemong ba pele ho Betway Premiership le ho hapa sehla.

BALA HAPE: Cardoso le dibapadi tsa Pirates ba ikwalla ka dikgau tsa kgwedi