Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Williams o hlalosa moya o renang kampong ya naha

Mokaptene wa sehlopha sa naha Ronwen Williams, o hlalositse ha dibapadi tse teng sehlopheng sa naha Bafana Bafana, di utlwana kaofela.

Williams o hlalositse ha hosena taba ya hore mang o bapalla sehlopha se fe, mme ba kgothaditswe ke sehlopha sa naha sa di’Springboks.

“Ha hona dikgulakgulano tsa Kaizer Chiefs, Orlando Pirates kapa Mamelodi Sundowns kampong ya naha. Re kgothaditswe ke sehlopha sa rugby sa di’Springboks,” ho realo Williams.

“Nako e fitileng, taba ya hore o bapalla sehlopha se itseng e ne e batla e ama moya wa sehlopha empa ha jwale re lwanela ntho e lengwe jwalo ka motho le mofo.”

Williams o hlalositse ha tlholo ya Springboks mohopeng wa lefatshe ka makgetlo a mabedi ka tatellano, e ba kgothaditse le ho bafa morolo jwalo ka sehlopha.

Afrika Boroa e mathule a go leba mohopeng wa lefatshe e bang baka hapa dipapadi tse pedi ho tse tharo tse setseng mme Williams o hlalositse ha e kaba ntho e kgolo naheng.

“Kena le ho sehwa ke letswalo ha ke nahana ka yona. Ke tseba seo o sehlalosang mme ke ya tseba hore e bolelang ho ma’Afrika.”

Bafana Bafana, batla kena papading e matla ka labobedi kgahlano le naha ya Nigeria dipapading tsa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.

Papadi ena etla bapalla lebaleng la Toyota Bloemfontein, mme yona e tla thakgoha ka hore ya 18:00 thapama.

BALA HAPE: mokwetlisi-wa-lesotho-o-babatsa-mokwetlisi-wa-afrika-boroa