Ditaba tsa moraoraoKrikete

Bavuma o tswelapele ho etella Afrika Boroa pele ka bokgabane

Mokaptene wa sehlopha sa naha papading ya krikete Temba Bavuma, o tswelapele ho etella sehlopha sa naha pele ka bokgabane le boqhetseke.

Bavuma le sehlopha ba hapile teko ya pele naheng ya India ka mora dilemo tse 15 Afrika Boroa e sa hape diteko mobung wa India.

Le ha papadi e bile thata ka lebaka la mohlwa o neng o kgethowe, Afrika Boroa e hlotse India ka mematho e 30 ho etsa nalane.

Bavuma, o bapetse karolo e papading eo ka ho etsa mematho e 55* le ho qeta makeno a bobedi a ntse a le ka lebaleng ho thusa sehlopha ho hapa papadi.

Mokaptene enwa wa Afrika Boroa, e bile yena fela sebapadi se kgonne ho etsa mematho e 50 kapa ho feta papading eo jwalo ka ha e bile papadi ya mematho e tlase ka ho fitisisa nalaneng.

Tlholo eo, e bile ya Bavuma ya leshome jwalo ka mokaptene dipapading tse 11 tseo a seng a dibapetse jwalo ka moetapelewa sehlopha.

Bavuma ha a so lahlehelwe ke papadi ya teko jwalo ka mokaptene wa naha, papadi e le nngwe ya 11, ke e bapetseng maleka.

Ha jwale Afrika Boroa e dutse boemong ba bobedi tafole ya dipapadi tsa diteko. Ba bapetse dipapadi tse 3 mme ba hapa tse pedi le ho hlolwa papading e le nngwe, ka selataneng bana le dintlha tse 24.

Papadi e lateng e bile e la ya ho qetela ya teko e tla thakgoha ka la 22 Pudungwane lebaleng la Barsapara toropong ya Guwahati.

BALA HAPE: Afrika Boroa e hapa teko ya pele ka mora dilemo tse 15 India