
Khanye o lepa ha Sundowns e tla hlola AS FAR
Mohlophuli wa papadi ya bolo lesedinyaneng la iDiski Times Junior Khanye, o lepile ha Sundowns e tla o besa o tuke papading ya leoto la bobedi le tla bapala ka moqebelo naheng ya Morocco.
Sundowns e kene leetong ho leba Morocco moo ba batlang ho qetela mosebetsi ka mora ho hapa leoto la pele ka 1 – 0 ka nako eo AS FAR e neng e tlile Afrika Boroa.
Khanye o hlalositse ha a sa bone AS FAR e katla ka ntho e ka makatsang Sundowns ho busetsa molamu sefateng le ho fetola maemo ho hapa mohope.
“Ha ke nahane AS FAR e ka makatsa Sundowns ka ntho e ntjha leotong la bobedi, haholo Sundowns e hlophisitsweng hantle,” ho realo Khanye.
“Sehlopha sena le ha se ka hlaba ntlha, se ka hlaba ntlha e le nngwe mme Sundowns e tla hapa papadi ka 2 – 1.
BALA: Blom o arohana le sehlopha sa hae sa Vietnam
Ke ka moo ke e bonang ka teng, o ka e ngola fatshe, e tlo etsahala fela jwalo. E tlo fela ka 1 – 1, Brayan Leon o tlo fumanela Sundowns.”
Sehlopha se bile le mathata a ho tswa ka hara naha ho leba Morocco e leng se belaelwang e le matshwepenene a AS FAR a ho tima Sundowns monyetla wa ho itukisa ho tlala seatla.
Le ha hole jwalo, sehlopha se kgonne ho tsamaya ka mora diteko tse matla le thuso tsa lefapha.
BALA: Hobaneng papadi ya Pirates le Orbit e le kgolo dihlopheng ka bobedi?
