Krikete

Afrika Boroa e hlotswe ke Australia

Sehlopha sa naha sa di’Proteas se hlotswe ke Australia ka wicket tse pedi papading ya ho qetela letotong la papadi tse tharo tsa T20.

Australia e leng bona baamohedi ba baeti, ba hapile lotho mme ba kgetha ho akgela pele.

Makanong a yona, Afrika Boroa e kgonne fela ho bokeletsa mematho e 172 ho tswile dibapadi tse supileng (172/7) ka overa tse 20.

Sebapadi sa Afrika Boroa, Brevis Dewald o entse mematho e 53 dibolong tse 26 pele Nathan Ellis a moketola. Rassie van der Dussen o qetile papadi a satswa ka mematho e 38.

Makanong a yona Australia, e ne e lokela ho lelekisa mematho e entsweng ke Afrika Boroa hore batle ba hape papadi le letoto.

Sebapadi se bulang Mitchell Marsh o ahile lebota la 54 pele lekejakejane Kwena Maphaka a moketola. Glen Maxwell, o kene le ho etsa 63 e thusitseng sehlopha sa hae ho hapa papadi ho setse bolo e lengwe (173/8).

Corbin Bosch o nkile di’wicket tse tharo ha Kagiso Rabada le Kwena Maphaka ba nkile tse pedi ka ho fapana.

Papadi ena, e ne le ya makgaolakgang letotong la papadi tse tharo tsa mofuta o mokgutshwane wa papadi.

Tlholo ena, e hlalosa hore Australia ke yona e hapang letoto la papadi tse tsaro ka 2 – 1 ya Afrika Boroa.

Dihlopha tsena ditla fetola mawa ho tsepamisa maikutlo mofuteng papadi tsa letsatsi ‘One Day International‘ (ODI). Papadi tsena etlaba letoto la tse tharo mme ditla qala ka labobedi la 19 Phato.

BALA HAPE: mokwetlisi-shukri-o-hlalotsa-molaetsa-ho-brevis