
Afrika Boroa e lwana ho fihla qetellong ho fumana tlholo
Sehlopha sa naha sa krikete sa banna se lwanne kgakgaulane kgahlano le Afghanistan ho fumana tlholo ya bona ya bobedi mohopeng wa lefatshe.
Di’Proteas, dihlotse Afghanistan ka ‘Super Over’ ka mora hore dihlopha bobedi ditshabane bophatswa le ho bapala maleka a mematho e 187.
Afghanistan, e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele ha Afrika Boroa e otla.
Quinton de Kock (59) le Ryan Rickelton (61) ba ahetse Afrika Boroa mokolokotwane o wa lesekane sa mematho e 114 pele ba ketolwa.
Dewald Brevis (23), David Miller (20*) le Marco Jansen (16) le bona ba behile a bona matsoho mohomeng pele sehlopha se fella memathong e 187/6 ka mora overa tse 20.
Afghanistan, e kene le ho leka ho lelekisa le ha sebapadi sa bona Rahmanullah Gurbaz (82) e bile yena a e hlanakileng boholo.
Jansen, Kagiso Rabada, George Linde le Keshav Maharaj, ba ketotse sebapadi se le seng kang ha Lungisani Ngidi a ketotse dibapadi tse tharo Afghanistan e dutse ho 187/10.
Papadi e lebile ho ‘Super Over’ moo Afghanistan e entseng mematho e 17 mme karabelong ya bona, Afrika Boroa e entse mematho eo le ho lebisa papadi ho ‘Super Over’ ya bobedi.
Miller le Stubbs e bile bona ho e hlanaka bakeng sa Afrika Boroa mme ba etsa mematho e 23 le ho kenya Afghanistan tlasa kgatello.
Tekong ya bona, Afghanistan e kgonne fela ho fella ho memathong e 19 ha Afrika Boroa e hlola papadi ya bona ya bobedi.
Di’Proteas, ditla kena papadi e bohlokwa ya boraro kgahlano le New Zealand eo le yona e so hlolwe ka mora dipapadi tse pedi.
Papadi ena e tla bapala ka moqebelo wa la 14 Hlakola ka 15:30 ka nako ya Afrika Boroa. Sehlopha setla hapa papadi eo setla fetela pele le ha ho tla sala papadi e le nngwe.
BALA HAPE: Setlabotjha se hlolela Afrika Boroa papadi ya pele
