Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Maela o hlwaya sebapadi se hlwahlwa ha jwale ho PSL

Mokaptene ya satswa beya mejafashe sehlopha sa Orlando Pirates Innocent Maela, o fanne ka lebitso la sebapadi seo a dumelang e le sona se qatsohileng sehleng sena.

Ha a ne a bua ho Mike Morton Talks Football, Maela o hlalositse ha Oswin Appollis, a tswile tjaro ya mabonwa ka mora ho tekenwa ke Pirates hotswa ho Polokwane City.

“Ha jwale, nkare Appollis ke sebapadi se ihlommeng pele. Tsela eo a bapalang ka yona e ikgethileng le ya ba bang,” ho realo Maela.

Appollis ya fihlang ho Pirates, ke sebapadi se mahlahahlaha, masene le ho ba le botsitso mme ke se seng sa dibapadi tse seng dibapetse dipapadi kaofela sehlopheng le ha sehlopha se dula se fetolwa.

Le ha a ame Teboho Mokoena, Sipho Chaine, Sipho Mbule le Relebohile Mofokeng, Maela o dumela ha Appollis e le yena a tswang pele ha jwale.

Mokoena o ntse a tswelapele ka ho thusa Sundowns mpeng ya lebala, Mbule le yena o phahamisitse haholo ka mora ho fihla ho Pirates, ha Mofokeng a tshwengwa ke dikotso tse mofitisitseng ka dipapadi sehlopheng sa naha.

Maela o phethetse ka hore Appollis e tloba se seng sa dibapadi tse tla phepetsa bakeng sa kgau ya tsa selemo ha sehla se fihla pheletsong.

Ha jwale Appollis, ke karolo ya sehlopha sa naha setla thulana le Zambia ka moqebelo thapama papading ya setswalle.

BALA HAPE: Gallants e hlotse Arrows ho tobana le Pirates ho makgaolakgang