Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns ke bompudi ba Morupule Spectacular Charity naheng ya Botswana

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se hapile tlhodisano ya Morupule Charity Spectacular ka mora ho hlola Morupule Wanderers ka 6 – 0 toropong ya Francistown, Botswana.

Sundowns, e ne e nkile leeto ho leba Botswana moo ba nkileng seabo dipapading tsa ho nyolla matlole e bile e le tsa ho ikotlolla.

Sehlopha se bapetse papadi ya pele kgahlano le Sue Flamingoes mme sa e hlola ka 3 – 0 ho beheletsa sebaka ho makgaolakgang.

Papading ya makgaolakgang ke moo Sundowns e hlabileng dintlha tse tsheletseng le ho bontsha matla a yona le ha e ne e bapalla ka boholo ba dibapadi tse sa bapale ka mehla.

Dintlha tsa Sundowns dikene ka Iqraam Rayners ya hlabileng tse tharo, Tashreeq Mathews ya hlabileng tse pedi le Gomolemo kekana ya hlabileng e le nngwe.

Motlatsa mokwetlisi Steve Kompela, o hlalositse ha sehlopha se bile le seabo dipapading tseo ka lebaka la hore dibapadi tsa bona dibapala mekgahlelong e fapaneng.

“Rena le dibapadi sehlopheng sa naha le mohope wa Carling Black Label Exhibition, ke ka hoo re tlileng kwano,” ho realo Kompela.

“Dipapadi tsena ke tsa ho nyolla matlole le ho ananela batho, ke ka hoo re tlileng le hoba le seabo ho tsona.”

Tebello ke hore dihlopha tse ding le tsona ditla bapala dipapadi tsa setswalle ka nako ena ya dipapadi tsa AFCON ho etsa bonnete bare didula dimatlafetse ha sehla se thakgoha ka Pherekgong.

BALA HAPE: Ngezana o hlaba ntlha ya hae ya pele ho UEFA Europa League