Ditaba tsa moraoraoKrikete

Eastern Cape Sunrisers ke bompudi ba sehla sa bone

Sehlopha sa Eastern Cape Sunrisers se makaditse le ho phetha Pretoria Capitals ka ho ba hlola ka wicket tse tsheletseng (6 wicket win).

Dihlopha tse pedi tsena dine dingangane papadi ya makgaolakgang e bapalletseng lebaleng la Newlands motsemoholo Cape Town.

Papadi ena e ne e le ho iphetha ha makgaolakgang a sehla sa pele sa dipapadi tsena tsa SA20 moo Sunrisers e ileng ya hlola Pretoria Capitals.

Capitals e qadileng ka ho otla, e kgonne ho bokeletsa mematho e 158 ho tswile dibapadi tse 7 (158/7) makenong a bona a pele.

Dewald Brevis wa Capitals, o e ntse mematho e lekgolo le motso (101) pele a tla ketolwa mme ke sebapadi sa pele ho etsa lekgolo (century) papading ya makgaolakgang a SA20.

Makenong a bona, Sunrisers e bile tlasa kgatello ka mora ho lahlehelwa ke dibapadi tse qalang.

Selekane sa Matthew Breetzke [68*] le mokaptene Tristan Stubbs [63] se kgutlisitse tshepo e neng e lahlehile le ho hapela Sunrisers mohope ovareng (over) ya ho qetela.

Bobedi bona bo llwanne ya kgumamela ho etsa bonnete ba hore Sunrisers e ba bompudi lekgetlo la boraro ka katleho.

Sehlopha sena sa Eastern Cape, ke sona fela se fihletseng makgaolakgang makgetlo a mararo le ho ka hapa mohope.