
CAF e etsa lotho ya mohope o latelang wa AFCON
Mokgatlo o tsamaisang papadi ya bolo kontinenteng ya Afrika wa CAF, o e ntse lotho ya mohope o latelang wa AFCON o tla bapala ka selemo sa 2027.
CAF e tsibisitse dihlopha ka dihlotshwana tsa tsona tse etswang ke dinaha tse 48 kontinenteng.
Mohope ona o tla tshwarwa ke dinaha tse tharo tsa Tanzania, Uganda le Kenya ka kopanelo e bile e le lekgetho la pele mohope ona o tshwarwa ke dinaha tse tharo.
BALA: Kaze: Ha hona sehlopha se le seng se ipabotseng sehleng sena
Naha e sa sebetsang hantle mohopeng o fitileng ya Afrika Boroa [Bafana Bafana] e tla kopana le naha ya Guinea, Kenya e kwetliswang ke Benni McCarthy le Eritrea.
Senegal e tshireletsang mohope, e tla kopana le naha ya Mozambique, Sudan le Ethiopia ha Morocco e dumelang e le yona e tshireletsang, e tla nkana le Gabon, Niger le Lesotho.
Mohope o latelang o moholo ka ho fitisisa kontinenteng, o tla bapala ho tloha ka la 19 Phupjane ho fihla ka la 17 Phupu selemong setlang sa 2027.
BALA: Ancelotti o tlohela Pedro, Richarlison le ho bitsetsa Neymar sehlopheng
