Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ernst Middendorp: Chiefs ke sebata se hlokang mokwetlisi ya sebete

Mokwetlisi wa mehleng wa Kaizer Chiefs Ernst Middendorp, o kene dipuisano tse ntse dimatha ho marangrang tse amang bokwetlisi ba sehlopha.

Chiefs, e bonahala e lahlehelwa ke morethetho ka mora ho lahlehelwa ke dipapadi mme batshehetsi ba sehlopha ba hloka tshepo bokwetlising bo teng sehlopheng.

Ha a tshwaela, Middendorp o hlalositse ha Chiefs e le sebata se hlokang mokwetlisi ya sebete hobane e potlaka ho senola bofokodi ba bakwetlisi.

“Ho sebetsa moo, mokwetlisi o lokela hoba le boitsebelo bo keneletseng, hoba matla maikutlong, boetapele le boitshepo bo matla,” ho realo Middendorp.

“O lokela hoba le tsebo ya ho laola maikutlo a hao le hoba manganga le ho emela diqeto tsa hao jwalo ka mokwetlisi le ha lerata la batshehetsi le le le ngata.”

Ka 2020, Middendorp o bile haufinyana haholo le ho hapela Chiefs sehla e leng boemo bo hodimo ka ho fitisisa boo sehlopha se bileng ho bona ka mora ho hapa sehla lekgetlo la ho qetela ka 2015.

Middendorp o hlalositse ha boholo ba batho bo dumela ha Chiefs ena le moetlo, e leng se thatafaletsang mosebetsi wa bakwetlisi.

“Tsela eo sehlopha se bapalang ka yona, e tswa ho tsela eo sebapadi ka seng se bapalang ka yona, e seng mmapalong o lebeletsweng empa dibapadi disa bapale jwalo.”

Ha a phethela, Middendorp o hlalositse ha mosebetsi wa bokwetlisi ho Chiefs, e se fela ho hapa dipapadi empa le bokgoni ba ho sebetsa tlasa kgatello.

BALA HAPE: Gavin Hunt: Teko Modise o leshano