Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Arthur Zwane o re Sundowns e tla kopana le pela difalla

Mokwetlisi wa AmaZulu Arthur Zwane, o hlalositse ha batla lokela ho fina seledu haba teyanya thebe le Mamelodi Sundowns.

Usuthu, e tla amohela Sundowns lebaleng la Moses Mabhida kajeno [24 Hlakola] e le papadi ya leoto la bobedi ya Betway Premiership.

Zwane, o hlalositse ha ba lokela ho lwana ya kgumamela ho busetsa molamu sefateng ka mora hore Sundowns e ba kgwathise ka nako eo baneng ba e etetse Gauteng.

“Re bapetse kgahlano le Sundowns mme ra hlolwa ka 2 – 0 leotong la pele le ha re bile le menyetla e meraro. Re bile haufinyana pele ba hlaba dintlha,” ho realo Zwane.

“Fela jwalo ka ha re lahlehetse kgahlano le Pirates ka nako ya moletsaphala. Re ne re lelekisa papadi hare hlajwa n0tlha ya bobedi.”

Zwane o hatelletse ha ba lokela ho sebedisa menyetla ya bona e bang teng hore ba hlole papadi ntle le ho sheba maemo a sehlopha seo ba bapalang le sona.

“Re lokela ho sebedisa menyetla ya rona, e seng menyetlanyana, ke bua ka menyetla e bonahalang.”

“Re bapalla lapeng, re lokela ho se bontshe hlompho hobane hao bontsha hlompho, dihlopha di ohlwa setha.”

BALA HAPE: Khalil: O tla fumana karabo ya hao hosane