Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Baloyi o lepa mokwetlisi a ka inulang Chiefs le ho hapa mehope

Sethibathibane sa mehleng sa Kaizer Chiefs se hlalositse sena le timelo ya hore Manqoba Mngqithi a ka etella Chiefs pele ka bokgabane.

Ha a bua ho podcast ya Car Wash, Brian Baloyi o hlalositse ha mabitso o hle a bakwetlisi bantseng ba bitswa e le bakwetlisi ba matla mme yena a ka kenyeletsa le Mngqithi moo.

“Kaofela bakwetlisi ba bitsitsweng Benni McCarthy, Pitso Mosimane le Fernando Da Cruz, baka lokisa bothata bo teng ho Chiefs,” ho realo Baloyi.

“Empa ke dumela ha Manqoba Mngqithi le yena a ka kwetlisa Chiefs.”

Lebitso la Mngqithi le utlwahetse dibekeng tse fetileng hore e ka mokwetlisi enwa wa Golden Arrows o dipuisanong le Chiefs le ha hose tumellano ya moshwelella.

BALA HAPE: Broos o dumela ha Panama e bahlotse ka matla

Chiefs e lebelletswe ho etsa diphetoho bokwetlisi ka mora hore Kaizer Motaung Jr, a hlalose ka makgetlo ha sehlopha setla kwetliswa ke mokwetlisi a leng mong papisong le ba babedi jwalo ka hana jwale.

Baloyi o hlalositse ha a ke ke a tseba ebang Chiefs e ke ke ya nka e mong wa bakwetlisi ba melomong ya batho ha jwale.

Karabelong ya ho fumanela mokwetlisi ya senang sehlopha ha jwale, Baloyi o arabile ntle le tikatiko hore Mosimane ke yena a ka etsang mosebetsi o kgabane ho Chiefs.

“Ke nahana hore hana jwale Pitso Mosimane a ka kwetlisa dihlopha tse pedi fela ho Betway Premiership kapa sehlopha sa naha ho latela boemong boo a leng ho bona jwalo ka mokwetlisi.”

Mosimane o ntse a sena sehlopha ka mora ho arohana le sehlopha sa Esteghlal selemo se fitileng.

BALA HAPE: Christiansen ka Mofokeng: ke bokamoso bo botle ba Afrika Boroa