Bolo ya maoto

Mudau o ikwetlisa le sehlopha

Sebapadi sa Afrika Boroa le Mamelodi Sundowns sa marao Khuliso Mudau eo e sale a le ditabeng, o qadile ho ikwetlisa le sehlopha sa hae sa Mamelodi Sundowns.

Mudau o bile siyo sehlopheng dibeke beke ka mora ditlaleho tsa ho batlwa ke dihlopha tsa Afrika leboya le ho sekgotsofale sehlopheng.

Beke e fitile moemedi wa Mudau o tsibisitse ha Sundowns e hanne kopo tse pedi tsa dihlopha tsa leboya le ho rera ho kena ditumelanong tse ntjha le Mudau.

Le ha hose tlaleho e seng e tswile e bang tumellano e fihleletswe, ho ikwetlisa ha Mudau le sehlopha ho ka hlalosa hore mahlakore bobedi a ka dumellana ka ho itseng kapa Mudau o tla dula ho fihlela tumellano ya pejana e fihla pheletsong.

Ho ikwetlisa Mudau hotla kokobetsa matshwafo a mokwetlisi wa naha Hugo Broos ya lebelletsweng ho tsebisa dibapadi tse 23 tseo a tla lwana ka tsona dipapading tse matla tseo a tla dibapala le Nigeria le Lesotho kgwedi e tlang.

Sundowns e satswa hlolwa ke Orlando Pirates mohopeng wa MTN8, e tla nkana le Kaizer Chiefs e so hlolwe sehleng sena papading ya Betway Premiership mme hoba teng ha Mudau le boiphuhlelo ba hae, dika thusa sehlopha.

Sundowns e tla etela Chiefs lebaleng la FNB. Papadi ena e tla thakgoha ka 19:00 hosane ka laboraro.

BALA HAPE: hack-o-lepa-ha-ribeiro-a-ka-lahlehelwe-ke-nyewe