Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ancelotti o tlohela Pedro, Richarlison le ho bitsetsa Neymar sehlopheng

Mokwetlisi wa naha ya Brazil Carlo Ancelotti, o phatlaladitse sehlopha seo a tla hlanaka mohope o setseng ka matsatsi wa lefatshe ka sona.

Ancelotti, o kene tekong e matla ho bitsa mabitso a maholo papading ya bolo lefatsheng mme o qobelehile ho tlohela tse ding tsa dibapadi ho latela palo ya dibapadi tseo a lokelang ho e bitsa.

Hara a mang a mabitso ao Ancelotti a a tlohetseng, ke Joao Pedro ya bapallang Chelsea le Richarlison ya bapallang sehlopha sa Everton.

Le ha a tlohetswe, Pedro o ntse a sebetsa hantle sehlopha sa hae moo a hlabang dintlha le ha sehlopha sa hae se sa sebetse hantle ka kakaretso.

E nngwe ya diqeto tse bileng thata ho Ancelotti e bile ho bitsa Neymar de Santos Jr ya sukudiswang ke dikotsi.

BALA: Kaze: Ha hona sehlopha se le seng se ipabotseng sehleng sena

Ancelotti o bitseditse Neymar sehlopha le ha ho bile le dipotso tse ngata ka kgonahalo ya ho bapala ka lebaka la dikotsi.

Le ha hole jwalo, Neymar o bitseditswe sehlopheng mme Ancelotti o hlalositse qeto ya hae ka hore sebapadi sena sa Santos se ntlafetse papisong le matsatsi a fitileng.

“O ntlafaditse maemo a hae,” ho realo Ancelotti a qhotswa ke ke lesedinyana la ESPN.

“O tlo bapala karolo e kgolo mohopeng ona wa lefatshe ka boiphihlelo ba hae, kutlwano le dibapadi tse ding le bokgoni ba ho kopanya dibapadi.”

“Re mokgethile hobane re dumela a tla thusa sehlopha le ha e kaba motsotso, metsotso e mehlano kapa papadi le thahong ya mekoko.”

Brazil ke tse ding tsa dinaha tseo mahlo a tlabeng a le ho tsona ho latela nalane le boleng ba dibapadi le papadi ya bolo.

BALA: Durban City le Sundowns di hlolana ka puo thekisong ya sebapadi