
Ndabayithethwa Ndlondlo o fetoha motho wa mantswe a hae
Sebapadi sa Marumo Gallants Ndabayithethwa ‘Mini Copper’ Ndlondlo, o fotoha motho wa hae ka mora hore sehlopha se kgwatise Stellenbosch FC.
Gallants, e hlotse Stellenbosch ka ntlha tse nne ho noto (4 – 0) ho beheletsa sebaka dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-final).
Dintlha tsa Gallants, dikene dikarolong tse pedi tsa papadi, dihlajwa ke Ndlondlo, Monde Mpambaniso le Edgar Makana ka ho fapana.
Hona papading eo, ke moo Ndlondlo a hlabileng dintlha tse pedi kaofela le ho ikgapela kgau ya sebapadi sa letsatsi.
Matsatsi pele ho papadi, Ndlondlo o hlalositse ka moo ba lokelang ho laola mmpa ya lebala kgahlano le Stellenbosch le ho sebedisa monyetla wa ho bapalla lapeng.
Ka letsatsi la papadi, Ndlondlo o entse seo a neng a bua ka sona le ho hlaba dintlha ho supa hore ke motho wa mantswe a hae.
Gallants e tla thulana le Golden Arrows papading e tlang pele ho makgaolakgang ha Orlando Pirates e tla nkana le Richards Bay.
Bobedi dipapadi tsena ditla bapalla KwaZulu-Natal mme nako le mabala a tsona ditla phatlalatswa ha mmela o ntse o puta.
BALA HAPE: Stellenbosch se tswelapele ho ingolla nalane
