Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Artan o fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi e kgolo lefatsheng

Ka mora ho hanelwa ho kena naheng ya America moo a neng a lokela ho lo letsa phala, Omar Artan o fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi e nngwe e kgolo.

Artan o hanetswe ho kena America e leng se makaditseng lefatshe le ho shebisa mahlo mokgatlong o tsamaisang papadi ya bolo lefatsheng [FIFA].

Artan o tla tsamaisa papadi ya Super Cup e dipakeng tsa PSG le Aston Villa kgweding ya Phato.

BALA: America e thibela moletsaphala wa Afrika ho leba mohopeng wa lefatshe

Sena ka mora hore UEFA e tse phatlalatso le hofa moletsaphala enwa wa Afrika wa kgwedi monyetla wa ho e tsa seo a se ratang.

Qeto ena e etsa Artan moletsaphala wa pele wa Afrika ho fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi ya boemong bona tlasa sekgele sa UEFA.

BALA: Canada e fana ka tharollo qakeng ya Omar Artan