Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Arteta o qeta lenyora la Arsenal la mohope wa EPL

Mokwetlisi ya fetileng ditshehollong tse matla tsa balatedi ba sehlopha Mikel Arteta, o qeta lenyora la sehlopha la mohope o moholo wa English Premier League [EPL].

Arteta o tataisa Arsenal tlholong ya bona ka ya mohope ka mora dilemo tse 22 sehlopha se sa latswe mohope ona le e meng e fapaneng le ka mora ho reka dibapadi tse bitsang haholo lefatsheng.

Lekgetlo la ho qetela Arsenal e hapa mohope ona ke ka 2004 ka nako eo sehlopha se neng se kwetliswa ke Arsene Wenger mme ba ile ba qeta sehla basa hlolwa [invisible].

Arsenal, e qetile e dutse boemong ba bobedi dilemo tse tharo tse fitileng tlasa Arteta ya qadileng ho kwetlisa sehlopha ka 2019.

BALA: CAF e etsa lotho ya mohope o latelang wa AFCON

Sebapadi sena sa mehleng sa Arsenal, se fetota motho wa pele wa ho bapalla sehlopha mme a kgutle a hapa mohope wa EPL le sehlopha seo a se bapalletseng.

Tlholo ya Arsenal etla ka mora hore Manchester City e neng e le lebelong, e hlolwe ke ho hlola Bournemouth papadi e fedileng ka maleka a 1 – 1.

City e ne e hloka dintlha tse tharo ho kenya Arsenal tlasa kgatello empa Bournemouth e tsekang boemo dihlopheng tsetla bapala ho UEFA, ya hana ka yona.

Arsenal e setse ka papadi e le nngwe eo ho totobetseng hore le ha ba ka hlolwa ho yona, batla phamisa mohope.

Sehlopha sena sa London, se emetswe ke mosebetsi o moholo wa papadi ya makgaolakgang a Champions League kgahlano le batshireletsi ba sekolo Paris Saint Germain.

BALA: Sundowns e hlolwa ke ho tswa ka hara naha