Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Maboe o kgutlela sehlopheng sa naha ka mora dilemo tse hlano

Sebapadi sa Kaizer Chiefs sa bohareng ba lebala Lebohang Maboe, o bitsetswa sehlopheng sa ho qetela sa naha.

Maboe ya fetoweng ke monyetla wa ho bapalla Bafana Bafana ka dilemo, o boela a fumana monyetla wa ho emela naha tlasa mokwetlisi ya motjha Pitso Mosimane.

Lekgetlo la ho qetela Maboe a bapalla sehlopha sa naha ke ka 2021 mohope wa COSAFA. Ka kakaretso Maboe o bapalletse Bafana Bafana makgetlo a 17.

Mosimane o tsibisitse mabitso a dibapadi tseo a tla e hlanaka ka tsona ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON le papading ya setswalle kgahlano le Egypt.

Fawaaz Basadien wa Mamelodi Sundowns, ke se seng dibapadi tse kgutlelang sehlopheng ka mora ho fetwa ke monyetla nako e fitileng.

Maboe ke yena fela sebapadi sa Chiefs se fumanang monyetla wa ho emela dipapading tsena.

BALA: Chiefs e hlaselwa ke dikotsi ka nako e mahlonoko