
Bakwetlisi ba Afrika Borwa ba thulana sa dipheleu Tanzania
Bakwetlisi ba babedi ba Afrika Borwa ba kwetlisang naheng ya Tanzania, batla thulana sa dipheleu bekeng ena naheng ya Tanzania.
Steve Barker ya kwetlisang Simba SC le Manqoba Mngqithi ya kwetlisang Young Africans [Yanga], batla bapala papadi ya bona ya pele naheng e nngwe.
Bobedi bona bo kwetlisitse dihlopha tse fapaneng lapeng pele ba leba naheng ya boaehelang moo ba kwetlisang dihlopha tse kgolo ka ho fitisisa naheng eo.
Barker ya lebileng Tanzania pele ho Mngqithi, o se a hapile mehope e mmedi naheng le ha a hlotswe ke ho hapa sehla se fitileng sa dipapadi.
Dihlopha tsena ditla bapala mohope wa Community Shield ka labobedi la 12 Phato mme papadi e tla thakgoha ka 19:30.
BALA: Relebohile Mofokeng o ingola ka tlhaka tsa mollo Belgium
