
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns o lla ka mokgathala
Mokwetlisi wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o llile ka mokgathala ka mora hore sehlopha sa hae se hlolwe ke sa Orlando Pirates thahong ya mekoko (4 – 1).
Cardoso, o hlalositse ha sehlopha sa hae se sa fumana nako e lekanang le ya Pirates ya ho kgefutsa le ho itukisetsa sehla ka ha bane ba bapala mohopeng wa lefatshe wa dihlopha (Club World Cup).
“Ke itsholla menyetla eo re bileng le yona, re kabe re hlabile ntlha. Ke naha Sundowns ha e mahlahahlaha, re ya sokola. Ha ra fumana nako e lekang ya ho itukisetsa jwalo ka Pirates, dibapadi tsa rona ha di mahlahahlaha le hoba matjato,” ho realo Cardoso.
“Ka lebaka la mokgathala, re entse diphoso tse ngata. Re batla rele morao ka ho kwena papisong le dihlopha tse ding hobane ha re so phomola.”
Cardoso o tswetse pele ho hlalosa ha Pirates e ne e bapala bolo ya moyeng mme seo se bathatafaleditse dintho.
“Ke nahana re boneng hore sehlopha sa Orlando Pirates ne se bapala bolo tse lelele ka mapheyong. Re ne re lokela ho laola papadi. Ke dumela nako eo re entseng phoso ka yona ke ha re tlohela Pirates e fumane ntlha.”
Sehlopha sa Sundowns, se nkile nako pele se ka tsamaya lebaleng ka mora hore batshehetsi ba sa thabang ba thibele bese ya sehlopha ho tswa. Mapolesa a ile a lokela ho thusetsa ho etsa tsela hore bese ya sehlopha e tsebe ho tsamaya.
Sundowns e ntla nkana le Kaizer Chiefs ka laboraro thapama e le papadi ya Betway Premiership. Bobedi dihlopha tsena ha diso lahlehelwe sehleng sena. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la FNB ka 19:30.
BALA HAPE: moya-ke-wa-dibapadi-tsa-mtn8
