Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Baloyi o latola taba ya bakwetlisi ba babedi sehlopheng

Sethibathibane sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana Brian Baloyi, o hlalotse ha e nngwe ya mathata a Chiefs e le bakwetlisi ba babedi (co-coaches).

Puisanong le Andile ho SNAWA, Baloyi o hlalositse ha phoso ya Chiefs e bile ho etsa qeto ya ho sebedisa bakwetlisi ba babedi ka mora ho arohana le Nasreddine Nabi.

“Phoso e kgolo ka ho fetisisa eo Kaizer Chiefs e ileng ya e etsa ha Nasreddine Nabi a tloha, e bile ho nka bakwetlisi ba babedi (co-coaches),” ho realo Baloyi.

Baloyi o dumela ha tshebetso esa sebetse le ho baka mathata sehlopheng.

“Ha ho mohla e kileng ea sebetsa. Chiefs e kile ya e leka pele ka Doctor Khumalo le Ace Khuse. Ka nako e fitileng e ne e hlokahana hobane e ne e le ya nakwana.”

“Mamelodi Sundowns le bona ba ile ba e leka ka nako e telele, empa qetellong ha ho kgonehe hore bakganni ba babedi ba khanne koloi e le nngwe ka nako e tshwanang.

“Le haeba e le teraka e kholo ea lithane tse 14 e tsamaisang thepa, haeba ho na le bakhanni ba babeli, e mong o tla phomola ha e mong a khanna.”

Chiefs, e bonahana e lahla morethetho oo ba qadileng sehla ka ona jwalo ka ha base ba lahlehetswe ke dipapadi tse nne ka tatellano ho kenyeletsa tse tharo tsa Betway Premiership.

Baloyi o hlalositse ha hoba le bakwetlisi ba babedi ho tlisa kgohlang ya tsela ya tshebetso le mawa a ho hlasela.

“Dibapali di nka ditaelo ho moetapele, mme se etsahalang ho Chiefs e bonahala  e le bothata ba boetapele.”

BALA HAPE: CAF e tjhetjhisa dipapadi tsa WAFCON ka dikgwedi tse tharo