
CAF e tjhetjhisa dipapadi tsa WAFCON ka dikgwedi tse tharo
Mokgatho o tsamaisang bolo ya maoto kontinenteng ya Afrika wa CAF, o phatlaladitse ha dipapadi tsa WAFCON ditjhetjhisitswe morao ka dikgwedi tse tharo ho tloha ha jwale.
CAF e tsibisitse ha WAFCON ya 2026 e eng e loleka ho bapala kgweding ena [Hlakubele] e tla bapala ka kgwedi ya Phupu.
Qeto ya CAF e tla ka mora hore naha ya Morocco e hule qeto ya bona ya ho tshwara dipapadi tsena hang ka mora dipapadi tsa AFCON tse bileng kgweding ya Tshitwe le Pherekgong.
CAF, e entse tsibiso ya ho tjhetjhiswa ha dipapadi ntle le ho tsibisa sebaka kapa naha e tla tshwara dipapadi tsena ka nako e tsibisitsweng.
Le ha hose netefaletso ya semmuso, letona la dipapadi la Afrika Boroa, le hlalositse ha Afrika Boroa e tla tshwara dipapadi tsena le na pejana ho utlwahetse Afrika Boroa e batla ho ditshwara le ha CAF e sa nnetefatsa seo.
Tebello ke ho utlwa hore CAF e tla etsa phatlalatso neng le hore ke naha e feng e tla tshwara dipapadi tsena.
BALA HAPE: Gallants e latswa tlholo ya pele ya 2026
