Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Baxter o phahla makunutu a nako ya hae ho Chiefs

Mokwetlisi wa ho qetela wa ho hapa sehla le Kaizer Chiefs, Stuart Baxter, o buile masa a kokometse ka tseo a kopaneng le tsona ka nako eo a neng a kwetlisang Chiefs.

Puisanong le Farpost, Baxter ya kwetlisitseng Chiefs makgetlo a mabedi, o hlalositse ha tshebetso ya hae ho Chiefs ka makgetlo ao a mabedi, e bile e fapaneng.

“Lekgetlo la pele mosebetsi wa ka o ne o totobetse. Mokwetlisi o ne a dumelletswe ho etsa mosebetsi wa hae. Rene rena le seo se tsebahalang ka sona (identity) le katleho ya ka nako eo,” ho realo Baxter.

“Lekgetlo la bobedi dintho dibile lerotho, makoko (ego) a bile teng mme e katswa e bile ntho ya ho tloha mohla monene.”

Baxter o hapile mehope e mene le Chiefs pele a ka ho kenyeletsa Betway Premiership eo ka nako eo e neng e bitswa Absa Premiership.

Ka mora moo, mokwetlisi enwa wa England, o ile a arohana le sehlopha mme a kgutla lekgetlo la bobedi moo dintho disa tsamayang hantle.

“Ke kgutlile lekgetlo la bobedi mme hone hose letho le totobetseng. Kene ke jwetswa hore ke reke dibapadi dife, ke kgethe msng le hore ke bapale jwang. E ne e ka ke lokela ho latala se ngotsweng ke motho e mong.”

“Maemo ao a ne a fapane le maemo a pele mme a entse hore hobe thata ho aha sehlopha se hapang dipapadi.”

Maikutlo a Baxter a tla ka nako eo taba ya bokwetlisi le tshebetso ya Chiefs e leng melomong ya batho ba bangata e bile e le dijo tsa letsatsi le letsatsi.

BALA HAPE: Cardoso o tswelapele ho lla ka tshehetso e fokolang hotswa ho PSL