
Kovsies ke bompudi ba Varsity Football
Sehlopha sa papadi ya bolo sa University of the Free State, ke bompudi ba batjha ba Varsity Football ka mora ho hlola Tshwane University of Technology (TUT) thahong ya mekoko.
Kovsies ba hapa mohope ona lekgetlo la pele nalaneng ya sehlopha e bile e le makgaolakgang a pele a bapallwang ka hara profense ya Free State lebaleng la bona la Shimla.
Sehlopha se hapile papadi ka 5 – 4 thahong ya mekoko ka mora hore dihlopha ka bobedi ditshabane bophatswa le ho ngangana ka maleka a 0 – 0 metsotsong e 90 ya moletsaphala.
Makgaolakgang ana e bile a boraro ka tatellano moo dihlopha dilebileng thahong ya mekoko, lekgetlo lena sehlopha sa lehae e bile sona se bileng matla le ho hlola bompudi ba mehleng makgetlo a mane.
Lekgetlo la ho qetela Kovsies ba bapala makgaolakgang ke ka selemo sa 2021 moo ba hlotsweng ke sehlopha sa University of Johannesburg (UJ).
Mokwetlisi Mokete Tsotetsi eo e leng sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana le Kaizer Chiefs, o etsa nalane ka hoba mokwetlisi wa pele wa ho hapa mohope ona le Kovsies.
Tsotetsi o nkile marapo a bokwetlisi matsatsi a mahlano pele dipapadi tsena dithakgoha, mme kajeno ke mmampudi jwalo ka ha a hlotse mokwetlisi ya nang le boiphihlelo wa TUT.
Kovsies ba matha mehlaleng ya sehlopha sa Rugby sa se lehae (Shimlas) ba hapileng mohopeng wa Varsity Cup (Rugby) selemo se fitileng hona lebaleng la Shimla Park.
Sehlopha se tla tswa se sa bitswa bompudi dikgwedi tse 12 ho fihlela selemo setlang mohope o tsekwa hape.
