Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mama Joy o batla letona la dipapadi le phethise ditshepiso

Motshehetsi wa papadi ya bolo ya tummeng haholo ka lebitso la Mama Joy Chauke, o tseka hore letona la dipapadi Gayton McKenzie le phethahatse ditshepiso tsa lona.

Mama Joy o hlalosa ha letona la dipapadi le e ntse tshepiso ya hore letla nka batshehetsi ba 50 hoba isa mohopeng wa lefatshe ka mora hore Afrika Boroa e phunyeletse.

Le ha hole jwalo, ho bonahala letona le fetohetse dikano ka mora ho hlalosa ha lefapha le hloka tjhelete ya ho lebisa batshehetse America, Mexico le Canada ka kopanelo.

Puisanong le Andlile ho Metro FM, Mama Joy o dumetse kantoro ya letona la dipapadi e soka e lefella maeto a bona jwalo ka batshehetsi empa o batla letona le phethahatse ditshepiso tsa lona.

“Hona mohla kantoro ya letona la dipapadi e kileng ya lefa maeto a ka. Ha Banyana Banyana bane ba ileng mohopeng wa lefatshe, ke lefelltswe ke mopresidente wa naha ntate Ramaphosa,” ho realo Mama Joy.

“O ngotse hore dihlopha dikgethe batshehetsi batla leba le Bafana Bafana mohopeng wa lefatshe hobane o tseba hantle hore nna ha kena sehlopha. O baleha nna,”  

“Le ha ho ka tsamaya mang kapa mang hase bothata, ha feela Afrika Boroa le yona ena le kemedi ya batshehetsi.”

Mama Joy o phethetse ka hore ena taba batla e dulela majwana e le batshehetse le mokgatlo wa bona wa batshehetse ba papadi ya bolo ka hara naha.

BALA HAPE: Chiefs e hapa papadi ya boraro ho dula boemong ba boraro