
Barker o hapa kgau e nngwe naheng ya Tanzania
Mokwetlisi wa mehleng wa Stellenbosch Steve Barker, o hapile kgau ya hae ya boraro sehlopheng sa Simba SC.
Simba e hapile papadi ya bona mafelo a beke ka 2 – 1 kgahlano le Pamba ho dula monyetleng wa ho hapa sehla se hodimo sa dipapadi.
Barker ya lebileng Tanzania mathwasong a selemo sa 2026, o ntse a tswelapele ho sebetsa hantle le ho kenya Young Africans e ka hodimo tlasa kgatello.
BALA: McCarthy ona le tumellano ya hore sehlopha setla kgutla
Mokwetlisi e nwa wa mehleng wa Stellies o se a hapile papadi dikgau tse tharo tsa mokwetlisi wa kgwedi mme ya moraorao ke ya kgwedi ya Motsheanong.
Sehlopha se sehapile mohope wa Muungano Cup tlasa botsamaisi ba Barker mme ba setse ka dipapadi tse nne pele sehla se fihla pheletsong.
E bang sehlopha seka hapa dipapadi tsa bona tse setseng mme Young Africans ya lahlehelwa ke papadi e le nngwe, e tlaba bona bahlodi ba NBC empa dihlopha ka bobedi dika hapa dipapadi tsa bona tse setseng. Yanga e tlaba yona e hapang sehla.
BALA: Tunisia e nyaola mokwetlisi ka papadi ya pele mohopeng wa lefatshe
