Bolo ya maotoDipapadi tse ding

Matuludi o ntsha maikutlo ka mora ho hapa mohope wa bobedi

Setlabotjha sehlopheng sa Mamelodi Sundowns Thabang Matuludi, o hlalositse ha hoba karolo ya Sundowns e le ntho e kgolo.

Matuludi o buile sena ka mora papadi eo ho yona Sundowns e hapileng mohope wa MTN8 ka mora dilemo tse nne o ntse o hlolwa ke Orlando Pirates.

Sundowns, e hlotse Pirates ka 2 – 0 papading ya makgaolakgang a neng a phophoma balatedi lebaleng la Moses Mabhida ka moqebelo.

Matuludi o hlalositse ha a ne a sa bone diphihlello tseo e seng e bile karolo ya tsona ho Sundowns.

“Kene kesa nahane hore moo ketswang, ketla hapa tlhodisano ya FIFA mme jwale ke MTN8,” ho realo Matuludi.

Sebapadi sena sa mehleng sa Polokwane City, e bile karolo ya sehlopha sa Sundowns se hapileng mohope wa FIFA wa Intercontinental Cup kgahlano le Al-Ahli.

Pele a leba ho Sundowns Matuludi o bile le nako e thata moo Polokwane e neng e e sa batle ho rekisa le ha dihlopha tse tharo tse kgolo Afrika Borwa dine dina le kgahleho.

Matuludi fela jwalo ka Thabo Cele, ha baso bapale dipapadi tse ngata ho Sundowns empa base ba hapile mehope e mmedi le sehlopha.

BALA: Mbokazi o thusa Chicago ho hapa papadi ya boraro ka tatellano