
Marumo Gallants a hlakisa taba ya ho ameha kotsing
Sehlopha sa Marumo Gallants se hlakisa taba e ntseng e matha ho marangrang ya ho ameha ha bese ya bona kotsing ka mora papadi kgahlano le Golden Arrows.
Gallants e ne e etetse Arrows papading ya Betway moo ba hlotsweng ka ntlha tse nne ho noto (4 – 0) lebaleng la King Zwelithini.
Puisanong le Ester Baatjies seyalemoya sa CUT FM 105.8, Sello Nduna o netefaditse ha bese ya sehlopha e thutswe ke dikolo tse pedi le ha e sa senyeha mme ha hona motho ya tswileng kotsi.
Nduna o latotse menyenyetsi ya hore sehlopha sene sele tsele ho tloha Durban ho leba Bloemfontein.
“Nnete ke hore sehlopha sene setswa lebaleng mme se lebile hoteleng e seng Bloemfontein jwalo ka ha menyenyetsi e hlalosa,” ho realo Nduna.
Nduna o hlalositse ha sehlopha setla qeta beke KZN ka lebaka la dipapadi tse pedi tseo batla dibapadi hara beke le mafelo a beke hona KZN.
Gallants e tla nkana le Durban City ka laboraro papading ya Betway Premiership lebaleng la Chatsworth ka 19:30.
Ka sontaha Bahlabane ba ntwa ba tla nkana le Arrows mohopeng wa Carling Knockout.
Papadi ena e tla bapalla lebaleng la King Zwelithini ka hora ya boraro [15:00] thapama.
Bala tse ding tse amang Gallants:
