Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Beaumelle o dumela batla hlolela Sundowns lapeng jwalo ka Al Ahly

Mokwetlisi ya tletseng tshepo wa sehlopha sa Esperance de Tunis, o hlalositse ha a lebelletse kgatello e matla kgahlano le Mamelodi Sundowns papading e tlang pele ho makgaolakgang [semi-final].

Patrice Beaumelle, o hlalositse ha a tseba seo batla tobana le sona hotswa ho batshehetsi le sehlopha ka kakaretso.

“Ke ya tseba kgatello e tloba ngata ho rona hobane batshehetse ba sehlopha batla tshehetsa sehlopha empa rona re lokela ho tobana le kgatello eo jwalo ka ha re lebeletse papadi e matla,” ho realo Beaumelle.

Le ha hole jwalo, Beaumelle o dumela ha e tlaba papadi e monate bakeng sa dihlopha ka bobedi eo sehlopha sa hae setla phetha nalane ka yona le ho etsa mohlolo.

“Ntho e nngwe le nngwe ya kgonahala bolong. kgwedi e fitileng re lebile Egypt le ho hlola Al Ahly ka dintlha tse tharo, e leng ntho e neng e qala ho etsahala. Seo ke bopaki ba hore le papading e tlang ntho e nngwe le nngwe e ka etsahala e bang re kaba le tumelo.”

Esperance e morao ka ntlha ka mora hore Sundowns e ba hlole ka 1 – 0 leotng la pele naheng ya Tunisia.

Bobedi dihlopha ditla lwana kgakgaulane molamu wa hlooho ho hlola papading le ho fetelang ho makgaolakgang.

BALA HAPE: E be Chiefs e tla o bese o tuke dipapading tse hlano tse tlang?