
Mofokeng le Cardoso ba bontsha maikemisetso a dihlopha ka ho hapa dikgau
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns le sebapadi sa Orlando Pirates, ba bontshitse maikemisetso a dihlopha tsa bona ka ho hapa dikgau tsa kgwedi le kgwedi ho Betway Premiership.
Miguel Cardoso, o hapile kgau ya mokwetlisi wa kgweding ya Hlakubele ka mora hore sehlopha sa hae se hape dipapadi tse nne tseo ba dibapetseng kgweding eo.
Ka ho le leng, Relebohile Mofokeng le wena o hapile kgau ya sebapadi sa kgwedi ka mora ho hlaba dintlha tse 4 dipapading tse nne tse sehlopha dise bapetseng.

Tlholo ya kgau tsena e pepesa hantle ntwa e teng dipakeng tsa Sundowns le Pirates ya ho hapa sehla 2025/2026.
Bobedi Cardoso le Mofokeng ba hapa dikgau tsena lekgetlo la bobedi ka tatellano ka mora ho dikwatola kgwedi e fetileng.
Pirates e dutseng ka hodimo tafoleng ya dihlopha ka dintlha tse 51 mme e siya Sundowns ka ntlha e le nngwe le ha Sundowns e le morao ka papadi.
Ka lehlakoreng le leng, sebapadi sa Chippa United Ayabulela Konqobe, o hapile kgau ya ntlha e ntle ya kgwedi ka mora ho raha makatole papading ya bona le Magesi FC a le qetelele le mekwallo.
Kgau ena ke ya sebapadi sena ya pele ya mofuta ona haesale a bapala papadi ya bolo ho PSL le sehlopha sa Chippa United.
BALA HAPE: Sehla sa sebapadi sa Pirates se fihla pheletsong pele ho nako
