Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o etsa diphetoho tse mmalwa sehlopheng

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tsibisitse dibapadi tseo atlang ho kgetha tse 23 ho tsona bakeng sa dipapadi tse pedi tsa setswalle kgahlano le Panama.

Broos o ntshitse mabitso a dibapadi tse akgang dithibathibane tse hlano.

Le ha a bitsitse dibapadi jwalo, Broos ha etsa diphetoho tse kalo sehlopheng papisong le dibapadi tseo a tlwaetseng ho dibitsa.

Phetoho e teng ke ho sebe teng ha Bathusi Aubaas, Sipho Mbule, Elias Mokwana, Shandre Campbell le  Siyabonga Ngezana

Broos, o bitsitse Olwethu Makhanya, Yanela Mbuthuma, Mthetheleli Mthiyane le Ndamulelo Maphangule e le tsona difahleho tse sa tlaelehang sehlopheng sa naha.

Thapelo Maseko, Deano Van Rooyen le Ime Okon, ba kgutletse sehlopheng ka mora ho fetwa ke dipitso ka mabaka a fapaneng.

Ngezana ya neng a lebile mohopeng wa AFCON, ho bonahala a tla fetwa ke dipapadi tsa mohope wa lefatshe ka lebaka la kotsi e motswileng le ha yena a hana ho etswa karo mme Broos, ha mo bitsa sehlopheng.

Broos, ha bitsa dibapadi tsa Kaizer Chiefs le Thembinkosi Lorch ya bileng ditabeng ka nako ya mohope wa AFCON.

Palo ena e lebeletswe ho kgutsufatswa ho fihla ho 23 mme dibapadi ditla lwana ka matla ho etsa bonnete ba ho dula bale sehlopheng le hoba monyetleng wa ho leba mohopeng wa lefatshe.

BALA HAPE: Gavin Hunt: Teko Modise o leshano